Re tla o thusa ka ho We will help you by itsebisa ha re bua le wena mamela seo o re bolellang sona ka hloko o neha dintlha tse nepahetseng hape tse tshwanang o hlalosetsa ka dintho tseo o batlang ho di tseba le ho di etsa jwalo ka, mefuta ya dithuso tse leng teng hore o tshwaneleha jwang bakeng la mofuta ka mong wa thuso hore o ka etsa kopo jwang, neng le ho kae o neha kapa ho o romela moo o ka fumanang ditshebeletso tseo o di hlokang lokisa diphoso ntlafatsa ditshebeletso tsa rona tsa mangolo le mehala ka ho o neha dintlha tse ngotsweng fatshe tsa kamohelo le kgano mabaka a ho hanwa ha kopo, ho fumana tjhelete e tlase, kapa ho hlalosetswa hore ke ka baka lang thuso e emisitsweng was stopped mekgwa ya ho ipiletsa mabapi le dikopo tse hannweng, tse emisitsweng kapa tse phumotsweng dintlha tsohle tsa ditjhelete tse sa tleleingwang
O ka re thusa ka
Ho re neha dintlha tsa nnete, tse nepahetseng hape tse felletseng diaterese tse nepahetseng tsa hao tsa poso le tsa bodulo diphetoho tse amanang le wena, mohlala, diphetoho tsa ditjhelete, aterese, boemo ba bongaka; jj.
lesedi kapa tlhakisetso e nngwe eo re ka e kopang
O na le tokelo ya ho etsa kopo ya dithuso ho fumana ditshebeletso ka hlompho le ka tlasa maemo a kgotsofatsang ho thuswa ka tsela e se nang leeme hape e sa nkeng mahlakore ho fumana tshebeletso e nang le setswalle, thuso, hlompho le kutlwelo ho tswa ho mohlanka ya ipoletseng, ya nang le boikarabelo, bokgoni, ya hlaphohetsweng hape ya hlomphehang hore ho lekolwe botjha qeto ha o bona e sa nepahala ho bona dintlha tse mabapi le wena ho ba sephiring ha hao ho hlophuwe hape dintlha tse mabapi le wena di bolokwe e le lekunutu ho fumana mekgwa e hlakileng ya ho tlaleha tlhekefetso, tshebediso e sa lokang le bomenemene ho sireletswa ha o tlaleha tlhekefetso, tshebediso e sa lokang le motho ofe kapa ofe ya fumanang thuso kapa tjhelete ka tsela e seng molaong ho lokisa eng kapa eng e fosahetseng kapa e nang le leeme ho se sitiswe ka baka la diphoso tsa tsamaiso, mohlala, ho lahleha ha ditokomane le difaele, jj.
ho fuwa monyetla wa ho bua ka maemo a sa tlwaelehang ho fuwa tshebetso tse se nang leeme tse kenyelletsang boemedi, kopano le bahlanka le ho ba le seabo ho thuswa ka puo eo o ikgethelang yona ho kgetha motho e mong ho ya lata kapa ho ya etsa kopo ya thuso lebitsong la hao
Re kopa hore o re thuse hore le rona re ho thuse ka ? ho tlaleha ditshebeletso tse fokolang e be o latela sephetho sa tlaleho eo ho kopa boitsebiso ba bahlanka ba mmuso ho latela maemo a behilweng ho kgutlisa tjhelete efe kapa efe e ka hodimo ho e tshwanetseng le ho lefa dikoloto ho fana ka dintlha dife kapa dife tse thusang ha ho sebetsanwa le kopo ya hao ho hlompha melawana yohle, mekgwa ya tshebetso le maano a sebediswang ngodisong ya dithuso
Dintlha tsa bohlokwa tsa bao o ka iteanyang le bona
Aterese ya Poso: Mokotla wa Poraevete x6 MMABATHO 2735
Provense ya ya Kapa Bophirima
Provense ya Mpumalanga
Aterese ya Poso: Mokotla wa Poraevete x1724 PIETERMARITZBURG 3200
Provense ya Kapa Leboya
Provense ya Limpopo
Aterese ya Poso: Mokotla wa Poraevete x9302 POLOKWANE 0700
Aterese ya Poso: Mokotla wa Poraevete x4424 BLOEMFONTEIN 9300
Aterese ya Poso: Mokotla wa Poravete x35 JOHANNESBURG 2000
